21. “Bona mona, bana ba Balevi ke ba neile karolo e le nngwe ho tse leshome la tse bokeletsweng ke bana ba Iseraele e le lefa la bona. Ke moputso wa tshebeletso ya bona eo ba e etsang ka Tenteng ya Morena.
22. Ho tloha jwale, bana ba Iseraele ba se hlole ba atamela Tente ya Morena, esere ba jara sebe, mme ba shwela moo.
23. Empa Balevi ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena, mme ba tla jara makgopo a bona. Ena e tla ba taelo ya mehla yohle melokong ya lona. Ha e le kahara bana ba Iseraele teng, ba ke ke ba eba le lefa.
24. Karolo e le nngwe ho tse leshome, eo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka yona, ke e neile Balevi e le lefa; ke ka baka leo ke itseng ho bona: ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele.”
25. Morena a bua ho Moshe, a re:
26. “Hape bolella Balevi, o re ho bona: <Ha le nka karolo e le nngwe ho tse leshome ho bana ba Iseraele, eo ke le neang yona e le lefa le tswang ho bona, le etsetse Morena nyehelo ka karolo e le nngwe ho tse leshome, e tswang karolong eo.
27. Nyehelo ya lona e tla nkwa e le e tswang ho lona, jwalokaha e ka ke koro e tswang seotlong, le jwalokaha e ka ke veine e tswang setlhotlelong.
28. Le tla nyehella Morena ka nyehelo ya dikarolo tsohle tsa lona tse tswang ho tse leshome, tseo le di amohetseng di etswa ho bana ba Iseraele. Ho tsona le nee moprista, Arone, nyehelo ya Morena.
29. Dimphong tsohle tsa lona tseo le di amohelang le ntshetse Morena nyehelo eo e leng ya hae. Hara tsohle tse ntle ka ho fetisisa, le tla mo nyehella ka karolo e halaleditsweng.>
30. “O re ho bona: <Ha le nyehela ka karolo e ntle ka ho fetisisa, ena e tla ba seabo sa Balevi, jwalokaha e ka ke koro e tswang seotlong, le jwalokaha e ka ke veine e tswang setlhotlelong.
31. Lona le ba malapa a lona le ka se jella dibakeng tsohle, hobane ke moputso wa lona wa tshebeletso ya lona ka Tenteng ya Morena.
32. Ha le ka ke la jara sebe haeba le nyehetse ka karolo e ntle ka ho fetisisa. Le se ke la silafatsa dintho tse halalelang tsa bana ba Iseraele, esere la shwa.> ”