Dipalo 18:15-22 BIBELE (SSO89SO)

15. Letsibolo le leng le le leng la dibopuwa tsohle le nyehellwang Morena ke la hao; e ka ba la motho kapa la phoofolo. Leha ho le jwalo, letsibolo la motho o tla le lopolla, le letsibolo la phoofolo e sa hlwekang le lona o tla le lopolla.

16. Tseo tse lokelang ho lopollwa o tla di lopolla ha di ena le kgwedi, ka silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano a metso e mehlano tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.

17. “Empa ha e le letsibolo la kgomo, kapa letsibolo la nku, kapa letsibolo la podi, wona ha o ka ke wa a lopolla, a a halalela. Ka madi a wona o foke hodima aletare. Mafura a wona, wona o a tjhesetse hodima aletare, e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena.

18. Nama ya matsibolo ana e tla ba ya hao, jwalokaha sefuba sa nyehelo e akgotswang, le jwalokaha serope sa yona sa letsoho le letona e le tsa hao.

19. Dinyehelo tsohle tse phahamiswang tsa dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka tsona, ke o neile tsona, wena le bara ba hao, le baradi ba hao. Ena ke taelo ya mehla yohle. Ke selekane sa letswai sa mehla yohle kapele ho Morena, ho wena le ho ditloholo tsa hao.”

20. Yaba Morena o re ho Arone: “O se ke wa ba le lefa naheng ya bona, o se ke wa ba le seabo hara bona. Ke nna seabo sa hao, le lefa la hao hara bana ba Iseraele.

21. “Bona mona, bana ba Balevi ke ba neile karolo e le nngwe ho tse leshome la tse bokeletsweng ke bana ba Iseraele e le lefa la bona. Ke moputso wa tshebeletso ya bona eo ba e etsang ka Tenteng ya Morena.

22. Ho tloha jwale, bana ba Iseraele ba se hlole ba atamela Tente ya Morena, esere ba jara sebe, mme ba shwela moo.

Dipalo 18