Dipalo 18:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a re ho Arone: “Wena le bara ba hao, le ba lelapa la ntatao, le tla ikarabella bakeng sa bokgopo bo ka silafatsang Sehalalelo. Wena le bara ba hao le tla jara bokgopo ba boprista ba lona.

2. O tlise le bana beno, ba morabe wa Levi, e leng morabe wa bo-ntatao; o ba atametse pela hao, ba tle ba o thuse, ba o sebeletse kapele ho Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.

3. Ba tla le hlokomela, ba hlokomele le Tente ya Morena yohle. Feela ba se ke ba atamela dijana tsa Sehalalelo, leha e le ho atamela aletare; e le hore ba se ke ba eshwa, le wena o se ke wa shwa.

4. “Ba tla o thusa ho sebeletsa, ba hlokomele Tente ya Morena, tshebeletsong yohle ya yona. Ho se be e mong osele ya ka atamelang ho lona.

5. Le tla hlokomela Sehalalelo, le hlokomele le aletare, hore kgalefo ya Morena e se hlole e wela bana ba Iseraele hodimo.

6. Bona, ke ikgethetse bana beno, Balevi, hara bana ba Iseraele, e le mpho ya hao e neilweng Morena, hore ba sebeletse ka Tenteng ya Morena.

7. Wena le bara ba hao le tla sebeletsa le baprista mesebetsing yohle ya aletare, le ho tsohle tse ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa. Ke o nea boprista e le mpho, empa e mong osele ya ka atamelang, a bolawe.”

8. Morena a re ho Arone: “Bona, o tla hlokomela dinyehelo tsa ka; ke o neile dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, e le seabo sa hao le sa bara ba hao. Hona ke taelo ya mehla yohle.

9. “Dintho tsohle tsa tse halalelang ka ho fetisisa, tse sa angwang ke mollo, tsena e tla ba tsa hao. Nyehelo e nngwe le nngwe ya bona, e ka ba nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona ya dijo, le nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona e tlosang sebe, le nyehelo e nngwe le e nngwe e tlosang molato, tseo ba tla nnyehella ka tsona, e le dintho tse halalelang ka ho fetisisa, e tla ba tsa hao le tsa bara ba hao.

10. Le di jelle sebakeng se halalelang ka ho fetisisa. Motho e mong le e mong e motona a ka di ja. Ho wena di a halalela.

Dipalo 18