8. Hosasane ha Moshe a kena ka Tenteng ya Morena e kentseng areka ya selekane, molamu wa Arone, o bakeng sa ntlo ya Levi, wa fuputsa, wa etsa dithunthung, wa beha ditholwana tse butsitsweng, tse kang tsa sefate sa perekisi.
9. Moshe a tlisa melamu yohle e tswang kapele ho Morena, a e bea kapele ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, mme sa e tadima. Monna e mong le e mong a nka molamu wa hae.
10. Morena a re ho Moshe: “Kgutlisetsa molamu wa Arone kapele ho matlapa a ngotsweng Molao, molamu oo o bolokwe e le kgopotso ya bokwenehi ba bana ba Iseraele, le ho fedisa ho nkorotlela ha bona, e le hore ba se ke ba eshwa.”
11. Moshe a etsa jwalo. A etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
12. Bana ba Iseraele ba bua, ba re ho Moshe: “Bonang re a shwa! Re fedile! Bohle re fedile!
13. E mong le e mong ya atamelang, ya atamelang Tente ya Morena, o tla shwa! Na bohle re fela re tla shwa?”