Dipalo 17:10-13 BIBELE (SSO89SO)

10. Morena a re ho Moshe: “Kgutlisetsa molamu wa Arone kapele ho matlapa a ngotsweng Molao, molamu oo o bolokwe e le kgopotso ya bokwenehi ba bana ba Iseraele, le ho fedisa ho nkorotlela ha bona, e le hore ba se ke ba eshwa.”

11. Moshe a etsa jwalo. A etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

12. Bana ba Iseraele ba bua, ba re ho Moshe: “Bonang re a shwa! Re fedile! Bohle re fedile!

13. E mong le e mong ya atamelang, ya atamelang Tente ya Morena, o tla shwa! Na bohle re fela re tla shwa?”

Dipalo 17