7. Hosasane le bee mashala a hlenneng ka dipaneng, le tshele mokubetso hodimo wona, le le kapele ho Morena. Motho eo Morena a tla mo kgetha, ke yena ya halalelang. Ke kgale re le mameletse lona, bara ba Levi!”
8. Moshe a re ho Kora: “Jwale mamelang, lona bara ba Levi.
9. Na ke ntho e nyenyane hore ebe Modimo wa Iseraele o le arotse ho setjhaba sa Iseraele, hore a le atametse pela hae, hore le sebeletse ka Tenteng ya Morena? Le hore le eme kapele ho setjhaba, le se sebeletse?
10. Le hore ebe o o atameditse pela hae, wena hammoho le bana beno, bara ba Levi? Na le wena o batla ho ba moprista?
11. Ke ka hona wena le balatedi bohle ba hao le ikopantseng ho lwantsha Morena. Arone ke mang, haeka le a mo korotlela tjee?”
12. Moshe a romela hore ho yo bitswa Datane le Abirame, bara ba Eliabe, empa bona ba re: “Ha re ka ke ra tla!
13. Na ke ntho e nyenyane hore ebe o re ntshitse naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi, ho tla re bolaela lehwatateng moo? Jwale o so ikentse mmusi wa rona?
14. Ebile ha o a re fihlisa naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ha wa re nea lefa la naha le masimo a morara. Na o tla foufaletsa banna baa nnete ya ditaba? Rona ha re ka ke ra nyolohela ho wena mono!”
15. Moshe a halefa haholo, mme a re ho Morena: “O se ke wa natsa nyehelo ya bona. Ha ke a nka leha e le tonki ho bona, leha e le ho etsa e mong wa bona hampe.”
16. Yaba Moshe o re ho Kora: “Hosasane wena, le balatedi ba hao, le Arone, le be kapele ho Morena.
17. Monna e mong le e mong a nke pane ya hae, a tshele mokubetso ka ho yona, a nto e tlisa kapele ho Morena, e be dipane tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Le wena le Arone le tlise dipane tsa lona.”
18. Monna e mong le e mong a nka pane ya hae, a bea mashala a hlenneng hodima yona, a nto tshela mokubetso hodima wona. Yaba ba ema monyakong wa Tente ya Morena ba ena le Moshe le Arone.
19. Yare hoba Kora a kgobokanye balatedi ba hae bohle monyakong wa Tente ya Morena, tlotla ya Morena ya iponahatsa ho setjhaba sohle.
20. Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, a re:
21. “Ikarohanyeng le setjhaba sena le tswe hara sona, ke tle ke se timetse ka ho panya ha ntshi.”
22. Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Oho, Modimo, Modimo wa meya ya batho bohle, na o ka halefela setjhaba see sohle ka baka la sebe sa motho a le mong?”
23. Morena a bua ho Moshe, a re:
24. “Bolella setjhaba, o re: <Tlohang diahelong tsa Kora, le tsa Datane, le tsa Abirame!> ”
25. Moshe a ema, a ya ho Datane le ho Abirame, mme baholo ba Iseraele ba ya le yena.