48. Jwale a ema pakeng tsa ba shweleng le ba phelang, yaba sewa se a kgaotsa.
49. Ba ileng ba eshwa ke sewa sena ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mene le makgolo a supileng, ho sa balwe ba shweleng ka taba ya Kora.
50. Yaba Arone o kgutlela ho Moshe, monyakong wa Tente ya Morena. Sewa sona se ne se se se kgaoditse.