34. Bana ba Iseraele bohle ba neng ba le moo ba baleha ha ba utlwa seboko sa bona, hobane ba ile ba re: “Lefatshe le se ke la re metsa!”
35. Mollo wa theoha o etswa ho Morena, wa timetsa banna bana ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano ba ileng ba nyehela ka mokubetso.
36. Jwale Morena a bua ho Moshe, a re:
37. “Bolella Eleasare, mora wa moprista Arone, hore a ntshe dipane kgabong ya mollo, mme a qhalle mollo oo hole, hobane dipane tsena di a halalela.
38. Dipane tsa banna bao ba ileng ba sitelwa bophelo ba bona di thulellwe, ho etswe dipoleiti tse tla kwahela aletare, kaha ba ile ba nyehela ka tsona kapele ho Morena. Ka baka leo, di ile tsa halalela. Tsena e tla ba sesupo ho bana ba Iseraele.”
39. Moprista Eleasare a nka dipane tse entsweng ka lethose, tseo e neng e le nyehelo ya ba tjhesitsweng, tsa thulellwa mmoho ho etsa sekwahelo sa aletare.
40. Hona e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele, hore motho e mong osele eo e seng setloholo sa Arone, a se ke a atamela kapele, ho tjhesetsa Morena mokubetso, esere a ba jwaloka Kora le balatedi ba hae, jwalokaha Morena a ile a bua le Kora ka Moshe.
41. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone, sa re: “Le bolaile batho ba Morena.”
42. Ha setjhaba se bokane ho lwantsha Moshe le Arone, bo-Moshe le Arone ba kgutlela Tenteng ya Morena, mme leru la e kgurumetsa, tlotla ya Morena ya iponahatsa.
43. Moshe le Arone ba fihla kapele ho Tente ya Morena.
44. Morena a bua ho Moshe, a re:
45. “Tlohang hara setjhaba sena, ke tla se timetsa ka ho panya ha ntshi!” Bona ba itihela fatshe ka difahleho.
46. Jwale Moshe a re ho Arone: “Nka pane, hodima yona o bee mashala a hlenneng a tswang hodima aletare, mme o tshele mokubetso kahodima wona, o e ise kapele ho setjhaba, o se etsetse tefelo ya sebe.” Kgalefo ya Morena e ne e befetse setjhaba, mme sewa se se se se wetse hodimo.
47. Arone a e nka jwalokaha Moshe a ne a mo laetse mme a mathela hara setjhaba, hobane sewa se ne se se se qalehile hara setjhaba. A tshela mokubetso paneng, mme a etsetsa setjhaba tefelo ya sebe.
48. Jwale a ema pakeng tsa ba shweleng le ba phelang, yaba sewa se a kgaotsa.
49. Ba ileng ba eshwa ke sewa sena ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mene le makgolo a supileng, ho sa balwe ba shweleng ka taba ya Kora.