Dipalo 16:22-37 BIBELE (SSO89SO)

22. Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Oho, Modimo, Modimo wa meya ya batho bohle, na o ka halefela setjhaba see sohle ka baka la sebe sa motho a le mong?”

23. Morena a bua ho Moshe, a re:

24. “Bolella setjhaba, o re: <Tlohang diahelong tsa Kora, le tsa Datane, le tsa Abirame!> ”

25. Moshe a ema, a ya ho Datane le ho Abirame, mme baholo ba Iseraele ba ya le yena.

26. Moshe a bua ho setjhaba, a re: “Ke a le rapela, tlohang ditenteng tsa banna bana ba kgopo, le se ke la ama letho leo e leng la bona, esere la timetswa ke sebe sa bona.”

27. Setjhaba sa tloha diahelong tsa Kora, le tsa Datane, le tsa Abirame, ka mahlakoreng wohle. Bo-Datane le Abirame, le basadi ba bona, le bara ba bona, le bana ba bona, ba tswa, ba ema menyakong ya ditente tsa bona.

28. Moshe a re: “Le tla tseba ke hona hore Morena o nthomile ho tla etsa mesebetsi ena yohle, le hore hase mesebetsi ya ka.

29. Haeba banna bana ba eshwa lefu la Modimo, mme ba eshwa lefu le tshwanang le la batho bohle, e tla ba ha ke a rongwa ke Morena.

30. Empa haeba Morena a etsa ntho e ntjha, mme lefatshe le ahlama, le ba kwenya hammoho le dintho tsohle tsa bona, mme ba theohela Nqalong ya Bafu ba ntse ba phela, ka hona le tla tseba hore banna bao ba nyedisitse Morena.”

31. Hoba a qete ho bua mantswe ana, lefatshe la ngamoha katlasa bona;

32. lefatshe la ahlama, la ba kwenya, bona le matlo a bona, le balatedi ba bona, le thepa yohle ya bona.

33. Ba theohela Nqalong ya Bafu ba ntse ba phela, le maruo wohle a bona. Lefatshe la ba pupetsa, ba timetswa, ba tloswa setjhabeng.

34. Bana ba Iseraele bohle ba neng ba le moo ba baleha ha ba utlwa seboko sa bona, hobane ba ile ba re: “Lefatshe le se ke la re metsa!”

35. Mollo wa theoha o etswa ho Morena, wa timetsa banna bana ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano ba ileng ba nyehela ka mokubetso.

36. Jwale Morena a bua ho Moshe, a re:

37. “Bolella Eleasare, mora wa moprista Arone, hore a ntshe dipane kgabong ya mollo, mme a qhalle mollo oo hole, hobane dipane tsena di a halalela.

Dipalo 16