14. Ebile ha o a re fihlisa naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ha wa re nea lefa la naha le masimo a morara. Na o tla foufaletsa banna baa nnete ya ditaba? Rona ha re ka ke ra nyolohela ho wena mono!”
15. Moshe a halefa haholo, mme a re ho Morena: “O se ke wa natsa nyehelo ya bona. Ha ke a nka leha e le tonki ho bona, leha e le ho etsa e mong wa bona hampe.”
16. Yaba Moshe o re ho Kora: “Hosasane wena, le balatedi ba hao, le Arone, le be kapele ho Morena.
17. Monna e mong le e mong a nke pane ya hae, a tshele mokubetso ka ho yona, a nto e tlisa kapele ho Morena, e be dipane tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Le wena le Arone le tlise dipane tsa lona.”
18. Monna e mong le e mong a nka pane ya hae, a bea mashala a hlenneng hodima yona, a nto tshela mokubetso hodima wona. Yaba ba ema monyakong wa Tente ya Morena ba ena le Moshe le Arone.
19. Yare hoba Kora a kgobokanye balatedi ba hae bohle monyakong wa Tente ya Morena, tlotla ya Morena ya iponahatsa ho setjhaba sohle.
20. Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, a re:
21. “Ikarohanyeng le setjhaba sena le tswe hara sona, ke tle ke se timetse ka ho panya ha ntshi.”
22. Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Oho, Modimo, Modimo wa meya ya batho bohle, na o ka halefela setjhaba see sohle ka baka la sebe sa motho a le mong?”
23. Morena a bua ho Moshe, a re: