1. Kora, mora wa Isihare, mora wa Kohate, mora wa Levi, a ena le Datane le Abirame, bara ba Eliabe, le One, mora wa Pelete, e leng bara ba Rubene;
2. banna bana ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba bang ba bana ba Iseraele, ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bao e leng mahosana a setjhaba, ba tumileng, ba kgethilweng setjhabeng.
3. Ba ikopanya, ba lwantsha Moshe le Arone, ba re ho bona: “Kgale re le mameletse! Setjhaba sena sohle se a halalela, mme Morena o teng hara sona. Ke ka baka lang ha le iphahamisa, le ipea kahodima setjhaba sa Morena?”
4. Ha Moshe a utlwa taba ena a itihela fatshe ka sefahleho,
5. a bua le Kora le balatedi ba hae, a re: “Hosasane Morena o tla bontsha eo e leng wa hae, le hore na ya halalelang ke mang, mme a mo atametse pela hae. Eo a tla mo kgetha, o tla mo atametsa pela hae.
6. Etsang tjena: wena Kora, le balatedi ba hao, nkang dipane.
7. Hosasane le bee mashala a hlenneng ka dipaneng, le tshele mokubetso hodimo wona, le le kapele ho Morena. Motho eo Morena a tla mo kgetha, ke yena ya halalelang. Ke kgale re le mameletse lona, bara ba Levi!”
8. Moshe a re ho Kora: “Jwale mamelang, lona bara ba Levi.
9. Na ke ntho e nyenyane hore ebe Modimo wa Iseraele o le arotse ho setjhaba sa Iseraele, hore a le atametse pela hae, hore le sebeletse ka Tenteng ya Morena? Le hore le eme kapele ho setjhaba, le se sebeletse?
10. Le hore ebe o o atameditse pela hae, wena hammoho le bana beno, bara ba Levi? Na le wena o batla ho ba moprista?
11. Ke ka hona wena le balatedi bohle ba hao le ikopantseng ho lwantsha Morena. Arone ke mang, haeka le a mo korotlela tjee?”
12. Moshe a romela hore ho yo bitswa Datane le Abirame, bara ba Eliabe, empa bona ba re: “Ha re ka ke ra tla!
13. Na ke ntho e nyenyane hore ebe o re ntshitse naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi, ho tla re bolaela lehwatateng moo? Jwale o so ikentse mmusi wa rona?
14. Ebile ha o a re fihlisa naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ha wa re nea lefa la naha le masimo a morara. Na o tla foufaletsa banna baa nnete ya ditaba? Rona ha re ka ke ra nyolohela ho wena mono!”
15. Moshe a halefa haholo, mme a re ho Morena: “O se ke wa natsa nyehelo ya bona. Ha ke a nka leha e le tonki ho bona, leha e le ho etsa e mong wa bona hampe.”
16. Yaba Moshe o re ho Kora: “Hosasane wena, le balatedi ba hao, le Arone, le be kapele ho Morena.
17. Monna e mong le e mong a nke pane ya hae, a tshele mokubetso ka ho yona, a nto e tlisa kapele ho Morena, e be dipane tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Le wena le Arone le tlise dipane tsa lona.”
18. Monna e mong le e mong a nka pane ya hae, a bea mashala a hlenneng hodima yona, a nto tshela mokubetso hodima wona. Yaba ba ema monyakong wa Tente ya Morena ba ena le Moshe le Arone.
19. Yare hoba Kora a kgobokanye balatedi ba hae bohle monyakong wa Tente ya Morena, tlotla ya Morena ya iponahatsa ho setjhaba sohle.
20. Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, a re: