Dipalo 15:6-14 BIBELE (SSO89SO)

6. “ <Kapa bakeng sa pheleu o tla nyehela ka nyehelo ya dijo, ya phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse pedi; phofo ena e be e dubilweng ka ole e etsang lethara e le nngwe le halofo.

7. Bakeng sa nyehelo ya seno o nyehele ka veine e etsang lethara e le nngwe le halofo, e be e monko o monate, e amohelehang ho Morena.

8. “ <Ha o nyehela ka pohwana e le nyehelo ya setjheso, kapa e le sehlabelo, kapa e le ya ho etsa kano, kapa e le nyehelo ya teboho e nyehellwang Morena;

9. o tla nyehela ka nyehelo ya pohwana mmoho le nyehelo ya dijo. E be phofo e boima ba kilo tse tharo, e thumisehileng, e dubilweng ka lethara tse pedi tsa ole.

10. Bakeng sa nyehelo ya seno o nyehele ka veine e etsang dilethara tse pedi, e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena.

11. “ <Oetse jwalo ka pohwana e nngwe le e nngwe, kapa ka pheleu e nngwe le e nngwe, kapa ka konyana e nngwe le e nngwe, kapa ka potsanyane e nngwe le e nngwe.

12. Ho ya ka palo ya diphoofolo tseo o nyehelang ka tsona, le tla etsa jwalo ka e nngwe le e nngwe ho latela palo ya tsona.

13. “ <Letswallwa le leng le le leng la naha le tla etsa dintho tsena ka mokgwa ona, ha le nyehela ka nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena.

14. Haeba mojaki ya jakileng hara lona, kapa mang kapa mang ya jakileng hara lona melokong ya lona, a rata ho nyehella Morena ka nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, o tla etsa jwalokaha le etsa.

Dipalo 15