Dipalo 15:28-40 BIBELE (SSO89SO)

28. Moprista o tla etsetsa motho eo ya entseng sebe e se ka morero tefelo ya sebe kapele ho Morena; o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme o tla tshwarelwa.

29. Ho ya etsang sebe e se ka morero, ho tla ba le molao o le mong ho letswallwa la naha, le ho mojaki ya jakileng hara lona.

30. “ <Empa motho ya tlolang molao ka boomo, e ka ba letswallwa la naha kapa mojaki, eo o nyefola Morena, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

31. Motho eo o nyedisitse lentswe la Morena, o tlotse molao wa hae, mme eka kgona a kgaolwe ho hang, a jare bokgopo ba hae.> ”

32. Ha banna ba Iseraele ba sa le lehwatateng, ba fumana motho a ntse a rwalla patsi ka letsatsi la Sabatha.

33. Ba mo fumaneng a ntse a rwalla patsi ba mo tlisa ho Moshe, le ho Arone, le ho setjhaba sohle.

34. Ba mo kenya tjhankaneng, hobane ho ne ho eso bolelwe hore na a etswe jwang.

35. Morena a re ho Moshe: “Ruri motho eo a bolawe. Setjhaba sohle se mo tlepeletse kantle ho diahelo, ka majwe.”

36. Yaba setjhaba sohle se mo ntshetsa kantle ho diahelo, se mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

37. Morena a bua ho Moshe, a re:

38. “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona ba iketsetse ditjellane diqoleng tsa diaparo tsa bona, melokong yohle ya bona, mme hodima tjellane e nngwe le e nngwe e qoleng ya seaparo ho rokellwe kgwele e putswa.

39. Ha le bona ditjellane tsena le tla hopola melao yohle ya Morena, mme le e phethe. Le se ke la phetha ditakatso tsa dipelo tsa lona le tsa mahlo a lona, e leng tse etsang hore le se ke la tshepahala.

40. Ka mokgwa o jwalo, hopolang melao ya ka yohle, le e phethe, mme le tla halalela ho Modimo wa lona.

Dipalo 15