Dipalo 15:27-36 BIBELE (SSO89SO)

27. “ <Haeba e mong a etsa sebe e se ka morero, o tla nyehela ka podi e tshehadi, e nang le selemo, e le nyehelo e tlosang sebe.

28. Moprista o tla etsetsa motho eo ya entseng sebe e se ka morero tefelo ya sebe kapele ho Morena; o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme o tla tshwarelwa.

29. Ho ya etsang sebe e se ka morero, ho tla ba le molao o le mong ho letswallwa la naha, le ho mojaki ya jakileng hara lona.

30. “ <Empa motho ya tlolang molao ka boomo, e ka ba letswallwa la naha kapa mojaki, eo o nyefola Morena, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

31. Motho eo o nyedisitse lentswe la Morena, o tlotse molao wa hae, mme eka kgona a kgaolwe ho hang, a jare bokgopo ba hae.> ”

32. Ha banna ba Iseraele ba sa le lehwatateng, ba fumana motho a ntse a rwalla patsi ka letsatsi la Sabatha.

33. Ba mo fumaneng a ntse a rwalla patsi ba mo tlisa ho Moshe, le ho Arone, le ho setjhaba sohle.

34. Ba mo kenya tjhankaneng, hobane ho ne ho eso bolelwe hore na a etswe jwang.

35. Morena a re ho Moshe: “Ruri motho eo a bolawe. Setjhaba sohle se mo tlepeletse kantle ho diahelo, ka majwe.”

36. Yaba setjhaba sohle se mo ntshetsa kantle ho diahelo, se mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

Dipalo 15