20. Ka bohobe bo entsweng ka koro ya dilopotsiya, o tla nyehella Morena, e le nyehelo e akgotswang. O tla e phahamisa jwalokaha o etsa ka nyehelo e akgotswang e tswang seotlong.
21. Melokong yohle ya lona le tla nyehella Morena ka hlama ya dilopotsiya tsa koro, e le nyehelo e akgotswang.
22. “ <Ha le etsa phoso, mme le sa boloke melao ena yohle eo Morena a e boleletseng Moshe;
23. esita le tsohle tseo Morena a le laetseng tsona ka Moshe, ho tloha mohla Morena a le laelang ho ya fihla melokong ya lona;
24. haeba setjhaba se etsa phoso e se ka morero, setjhaba sohle se tla nyehela ka pohwana e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena. Setjhaba se tla nyehela le ka nyehelo ya dijo e tsamayang le nyehelo ya pohwana, le ka nyehelo ya seno e tsamayang le yona, ho ya ka taelo. Le nyehele le ka phooko e le nngwe e le nyehelo e tlosang sebe.
25. Moprista o tla etsetsa setjhaba sohle sa bana ba Iseraele tefelo ya sebe, mme ba tla tshwarelwa, hobane ba entse phoso, mme ba tlisitse nyehelo ya mollo ho Morena, le nyehelo e tlosang sebe, ka baka la phoso ya bona.
26. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele se tla tshwarelwa, mmoho le mojaki ya jakileng hara sona, hobane ho entswe phoso.