15. Ho tla ba le molao o le mong ho setjhaba, le ho mojaki ya jakileng hara lona. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona. Seo le leng sona, le mojaki o tla ba sona kapele ho Morena.
16. Molao o tla ba mong, le taelo e tla ba nngwe ho lona le ho mojaki ya jakileng hara lona.> ”
17. Morena a bua ho Moshe, a re:
18. “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: <Ha le fihla naheng eo ke le isang ho yona,
19. e tle ere ha le eja dijo tsa naha eo, le nyehelle Morena ka nyehelo e phahamiswang.
20. Ka bohobe bo entsweng ka koro ya dilopotsiya, o tla nyehella Morena, e le nyehelo e akgotswang. O tla e phahamisa jwalokaha o etsa ka nyehelo e akgotswang e tswang seotlong.
21. Melokong yohle ya lona le tla nyehella Morena ka hlama ya dilopotsiya tsa koro, e le nyehelo e akgotswang.
22. “ <Ha le etsa phoso, mme le sa boloke melao ena yohle eo Morena a e boleletseng Moshe;
23. esita le tsohle tseo Morena a le laetseng tsona ka Moshe, ho tloha mohla Morena a le laelang ho ya fihla melokong ya lona;
24. haeba setjhaba se etsa phoso e se ka morero, setjhaba sohle se tla nyehela ka pohwana e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena. Setjhaba se tla nyehela le ka nyehelo ya dijo e tsamayang le nyehelo ya pohwana, le ka nyehelo ya seno e tsamayang le yona, ho ya ka taelo. Le nyehele le ka phooko e le nngwe e le nyehelo e tlosang sebe.
25. Moprista o tla etsetsa setjhaba sohle sa bana ba Iseraele tefelo ya sebe, mme ba tla tshwarelwa, hobane ba entse phoso, mme ba tlisitse nyehelo ya mollo ho Morena, le nyehelo e tlosang sebe, ka baka la phoso ya bona.
26. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele se tla tshwarelwa, mmoho le mojaki ya jakileng hara sona, hobane ho entswe phoso.
27. “ <Haeba e mong a etsa sebe e se ka morero, o tla nyehela ka podi e tshehadi, e nang le selemo, e le nyehelo e tlosang sebe.