1. Morena a bua ho Moshe, a re:
2. “Bua le bana ba Iseraele, o re: <Ha le fihla naheng eo le tla aha ho yona, eo ke le neang yona,
3. le nyehelle Morena ka nyehelo ya mollo, e leng nyehelo ya setjheso, kapa sehlabelo sa ho etsa kano, kapa nyehelo ya boithaopo, kapa ya mekete ya lona e kgethehileng, e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e tswang mohlapeng wa dikgomo kapa wa dinku.
4. Jwale ya nyehellang Morena a be a tlise le nyehelo ya dijo, ya phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e dubilweng ka ole e etsang lethara e le nngwe;