34. Jwalokaha le ile la hlwela naha ka matsatsi a mashome a mane, le tla jara bokgopo ba lona ka dilemo tse mashome a mane, e leng hore letsatsi ka leng le lekana le selemo. Kahoo le tla tseba hore na ho ntwantsha ke eng.>
35. Nna, Morena, ke buile. Ruri hona ke tla ho etsa ho setjhaba sena sohle se kgopo, se ikopantseng ho ntwantsha. Se tla timella lehwatateng lena, se shwelle teng.”
36. Banna bao Moshe a neng a ba rometse ho ya hlwela naha, bao ho kgutleng ha bona ba ileng ba etsa hore setjhaba se mo korotlele, ka ho se bolella ditaba tseo e seng tsa nnete;
37. banna bana ba tlisitseng ditaba tseo e seng tsa nnete, ba ile ba bolawa ke lefu la sewa ba le kapele ho Morena.
38. Empa ha e le Joshua, mora wa Nune, le Kalebe, mora wa Jefune, ba ile ba phela ho ba neng ba ilo hlwela naha.
39. Moshe a phetela bana ba Iseraele bohle ditaba tsena, mme setjhaba sa lla haholo.
40. Setjhaba sa tsoha e sa le hosasa, sa nyolohela hodima tlhoro ya thaba, sa re: “Bonang re mona, re tla ya sebakeng seo Morena a buileng ka sona, hobane re sitilwe.”
41. Empa Moshe a re: “Ke ka baka lang ha le tlola taelo ya Morena, ha e le moo ho bonahala hore e ke ke ya atleha?
42. Se keng la nyoloha, hobane Morena ha a yo hara lona, mme dira tsa lona di tla le hlola.
43. Baamaleke le Bakanana ba se ba le emetse, mme ba tla le bolaya ka sabole. Kaha le furaletse tsela ya Morena, Morena a ke ke a ba le lona.”
44. Empa ba nna ba pheella ho nyolohela tlhorong ya thaba, feela areka ya selekane, mmoho le yena Moshe, ya se ke ya tswa diahelong.
45. Jwale Baamaleke le Bakanana ba neng ba ahile dithabeng ba theoha, ba hlola Baiseraele, ba ba phaladisa ho ya fihla Horema.