1. Setjhaba sohle sa phahamisa mantswe, sa howa haholo, sa lla bosiu bohle.
2. Bana ba Iseraele bohle ba korotlela Moshe le Arone, mme setjhaba sohle sa re ho bona: “Hoja re hlile ra shwella naheng ya Egepeta, kapa ebe re shwetse lehwatateng lena!
3. Ke hobaneng ha Morena a re tlisa naheng ee, hore re tlo bolawa ka sabole? Basadi ba rona le bana ba rona ba tla hapuwa. Na ha ho molemo hore re kgutleleng Egepeta?”
4. Ba buisana ba le bang, ba re: “A re ikgetheleng moetapele, re kgutleleng Egepeta.”
5. Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho kapele ho phutheho yohle ya setjhaba sa bana ba Iseraele.
6. Joshua, mora wa Nune, le Kalebe, mora wa Jefune, e leng ba ba neng ba ilo hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona.
7. Ba re ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele: “Naha eo re tsamaileng hara yona ho e hlwela, ke naha e ntle haholo.