Dipalo 13:18-28 BIBELE (SSO89SO)

18. Le shebe hore na naha e jwang, le hore na batho ba ahileng ho yona ba matla kapa ba a fokola, le hore na ba bangata kapa ha ba bakae.

19. Le shebe le hore na naha eo ba ahileng ho yona e ntle kapa e mpe, le hore na metse eo ba ahileng ho yona e jwang; na ke diahelo kapa ke diqhobosheane.

20. Le shebe le hore na naha eo e jwang; na e nonne kapa ke letswatlare, le hore na patsi e teng kapa tjhe. Le be sebete, le re tlele le ditholwana tsa naha eo.” E ne e le nako ya dilopotsiya tsa morara.

21. Banna bao ba nyoloha, ba hlwela naha ho tloha lehwatateng la Sine ho ya fihla Rehobe, le ho ya fihla Kgorong ya Hamate.

22. Ba nyolohela Negebe, ba ya fihla Heborone, moo Ahimane, le Sheshai, le Talamai, bana ba Anake, ba neng ba ahile teng. Heborone e ne e ile ya hahuwa dilemo tse supileng pele Sowane e Egepeta e hahuwa.

23. Ba ya fihla kgohlong ya Eshekole, mme teng ba kgaola lekala le nang le lesihla la morara, ba le jara ka thupa e tshwerweng ka mahlakoreng a mabedi ke banna ba babedi; hape ba tla le dikgarenate le difeiye.

24. Sebaka seo ba se rea lebitso la kgohlo ya Eshekole, ka baka la lekala leo banna ba Iseraele ba ileng ba le kgaola moo.

25. Kamora matsatsi a mashome a mane, ba kgutla ho tswa hlwela naha eo.

26. Ba tsamaya, ba fihla ho Moshe, le ho Arone, le ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ba neng ba le lehwatateng la Parane e Kadeshe. Ba behela Moshe, le Arone, le setjhaba sohle ditaba, mme ba ba bontsha le ditholwana tsa naha eo.

27. Ba bolella Moshe, ba re: “Re ile ra fihla naheng eo o neng o re romme ho yona; ruri ke naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, mme tsena ke ditholwana tsa naha eo.

28. Leha ho le jwalo, batho ba ahileng moo ba matla, mme metse ya teng e meholo, e na le diqhobosheane; re bile re bone Baanake hona teng.

Dipalo 13