1. Morena a bua ho Moshe, a re:
2. “Romela banna ho ya hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Morabeng o mong le o mong wa bo-ntata bona o romele monna a le mong; e mong le e mong wa bona e be kgosana.”
3. Moshe a romela banna bao ho tloha lehwatateng la Parane, ka taelo ya Morena. Banna bao bohle e ne e le mahosana a bana ba Iseraele.
4. Mabitso a bona ke ana: Morabeng wa Rubene e ne e le Shamua, mora wa Sakure;
5. morabeng wa Simeone e le Shafate, mora wa Hori;
6. morabeng wa Juda e le Kalebe, mora wa Jefune;
7. morabeng wa Isakare e le Jigale, mora wa Josefa;
8. morabeng wa Efraime e le Joshua, mora wa Nune;
9. morabeng wa Benjamine e le Paleti, mora wa Rafu;
10. morabeng wa Sebulone e le Gadiele, mora wa Sodi.
11. Morabeng wa Josefa, ke ho re morabeng wa Manase, e le Gadi, mora wa Susi;
12. morabeng wa Dane e le Amiele, mora wa Gemale;
13. morabeng wa Ashere e le Setore, mora wa Mikaele;
14. morabeng wa Nafthali e le Nahabi, mora wa Fofesi;
15. morabeng wa Gade e le Geuele, mora wa Maki.
16. Ana ke mabitso a banna bao Moshe a ileng a ba roma ho ya hlwela naha. Mora wa Nune, e leng Hoshea, Moshe a mo rea lebitso la Joshua.
17. Moshe a ba roma ho ya hlwela naha ya Kanana, mme a re ho bona: “Nyolohang le mona Negebe, le nyolohele naheng e maralla.
18. Le shebe hore na naha e jwang, le hore na batho ba ahileng ho yona ba matla kapa ba a fokola, le hore na ba bangata kapa ha ba bakae.
19. Le shebe le hore na naha eo ba ahileng ho yona e ntle kapa e mpe, le hore na metse eo ba ahileng ho yona e jwang; na ke diahelo kapa ke diqhobosheane.