Dipalo 13:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Romela banna ho ya hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Morabeng o mong le o mong wa bo-ntata bona o romele monna a le mong; e mong le e mong wa bona e be kgosana.”

3. Moshe a romela banna bao ho tloha lehwatateng la Parane, ka taelo ya Morena. Banna bao bohle e ne e le mahosana a bana ba Iseraele.

4. Mabitso a bona ke ana: Morabeng wa Rubene e ne e le Shamua, mora wa Sakure;

5. morabeng wa Simeone e le Shafate, mora wa Hori;

6. morabeng wa Juda e le Kalebe, mora wa Jefune;

7. morabeng wa Isakare e le Jigale, mora wa Josefa;

8. morabeng wa Efraime e le Joshua, mora wa Nune;

9. morabeng wa Benjamine e le Paleti, mora wa Rafu;

10. morabeng wa Sebulone e le Gadiele, mora wa Sodi.

11. Morabeng wa Josefa, ke ho re morabeng wa Manase, e le Gadi, mora wa Susi;

12. morabeng wa Dane e le Amiele, mora wa Gemale;

Dipalo 13