5. Re hopotse ditlhapi tseo re neng re di ja ha re sa le Egepeta, re sa di reke; le mokopu, le mahapu, le dishaloto, le eiye, le konofolo.
6. Re feletswe ke matla! Ha ho na letho ho hang, haese manna ana ao re a bonang!”
7. Manna a ne a tshwana le peo e tshweunyana sebopeho sa wona se tshwana le sa mamina a difate a monko o monate.
8. Setjhaba se ne se ye se tsamaye hohle, se a bokelle, se a sile ka lelwala, kapa se a tulele lefudung, se a phehe ka dipitsa, se etse maqebekwane. A ne a latsweha jwaloka moqathane o phehilweng ka ole.
9. Ha phoka e ne e lala diahelong bosiu, manna a ne a lala le yona.
10. Moshe a utlwa setjhaba se lla hohle, malapeng a sona, motho ka mong a lla a le monyakong wa tente ya hae. Kgalefo ya Morena ya tlokoma haholo, mme Moshe a swaba haholo.
11. Yaba Moshe o re ho Morena: “Ke ka baka lang ha o entse mohlanka wa hao tjee? Ke ka baka lang ha o sa nkgauhele, o mpelesitse mojaro wa setjhaba see sohle?
12. Na ke nna ya emotseng setjhaba see sohle? Na ke nna ya se tswetseng, ha o re ho nna: <Ba sike sefubeng sa hao, jwalokaha mohodisi a sika lesea, o ba ise naheng eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona>?
13. Nama ya ho fepa setjhaba see sohle ke tla e fumana kae? Se a ntelela, se re: <Re fe nama, re je!>
14. Ke sitwa ho jara setjhaba sena sohle ke le mong, hobane se nkimela haholo.
15. Haeba o nketsa tjena, hlo mpolaye hona jwale, ke a o rapela, haeba o nkgauhetse, e le hore ke se ke ka bona bomadimabe ba ka.”
16. Morena a re ho Moshe: “Ntlisetse banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba setjhaba sa Iseraele, bao o tsebang hore ke baholo le baokamedi ba setjhaba sa Iseraele. O ba tlise ka Tenteng ya Morena, ba eme teng hammoho le wena.
17. Ke tla theohela teng, ke bue le wena. Ke tla nka karolo e nngwe ya moya o ho wena, ke ba abele yona. Ba tla jarisana mojaro wa setjhaba sena le wena, hore o se ke wa o jara o le mong.