Dipalo 11:1-15 BIBELE (SSO89SO)

1. Setjhaba sa korotla haholo moo Morena a ntseng a utlwa. Ha Morena a utlwa, bohale ba hae ba tlokoma, mollo wa Morena wa se laimela, wa tjhesa meedi ya diahelo lore!

2. Setjhaba sa llela Moshe, yaba Moshe o rapela Morena, mme mollo wa kokobela.

3. Sebaka seo ba se rea lebitso la Tabera, hobane ke moo mollo wa Morena o neng o tuke hara bona.

4. Letshwelehadi la baditjhaba le neng le tsamaya le Baiseraele la lakatsa nama haholo. Bana ba Iseraele le bona ba boela ba lla, ba re: “Ke mang ya tla re fa nama, hore re je?

5. Re hopotse ditlhapi tseo re neng re di ja ha re sa le Egepeta, re sa di reke; le mokopu, le mahapu, le dishaloto, le eiye, le konofolo.

6. Re feletswe ke matla! Ha ho na letho ho hang, haese manna ana ao re a bonang!”

7. Manna a ne a tshwana le peo e tshweunyana sebopeho sa wona se tshwana le sa mamina a difate a monko o monate.

8. Setjhaba se ne se ye se tsamaye hohle, se a bokelle, se a sile ka lelwala, kapa se a tulele lefudung, se a phehe ka dipitsa, se etse maqebekwane. A ne a latsweha jwaloka moqathane o phehilweng ka ole.

9. Ha phoka e ne e lala diahelong bosiu, manna a ne a lala le yona.

10. Moshe a utlwa setjhaba se lla hohle, malapeng a sona, motho ka mong a lla a le monyakong wa tente ya hae. Kgalefo ya Morena ya tlokoma haholo, mme Moshe a swaba haholo.

11. Yaba Moshe o re ho Morena: “Ke ka baka lang ha o entse mohlanka wa hao tjee? Ke ka baka lang ha o sa nkgauhele, o mpelesitse mojaro wa setjhaba see sohle?

12. Na ke nna ya emotseng setjhaba see sohle? Na ke nna ya se tswetseng, ha o re ho nna: <Ba sike sefubeng sa hao, jwalokaha mohodisi a sika lesea, o ba ise naheng eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona>?

13. Nama ya ho fepa setjhaba see sohle ke tla e fumana kae? Se a ntelela, se re: <Re fe nama, re je!>

14. Ke sitwa ho jara setjhaba sena sohle ke le mong, hobane se nkimela haholo.

15. Haeba o nketsa tjena, hlo mpolaye hona jwale, ke a o rapela, haeba o nkgauhetse, e le hore ke se ke ka bona bomadimabe ba ka.”

Dipalo 11