5. “Ha o hlaba mokgosi wa pele ka terompeta, ba diahelong tse ka botjhabela ba tla tswela pele leetong.
6. Ha o hlaba mokgosi wa bobedi ka terompeta, ba diahelong tse ka borwa ba tla tswela pele leetong. Kamehla ha ho hlwajwa mokgosi, ba tla tswela pele maetong a bona.
7. Empa ha setjhaba se lokela ho phutheha mmoho, o tla letsa terompeta, feela o se ke wa hlaba mokgosi.
8. “Bara ba Arone, e leng baprista, ke bona ba tla letsa terompeta. Ho letsa diterompeta e tla ba molao wa mehla yohle ho lona, le ho meloko ya lona.
9. “Naheng ya lona, ha le futuha, le eya ho lwantsha sera se le hateletseng, le tla hlaba mokgosi ka diterompeta. Le tla hopolwa ke Morena Modimo wa lona, mme le tla pholoswa direng tsa lona.
10. Mohla matsatsi a lona a thabo, le mohla mekete ya lona e kgethehileng, le mohla dikgwedi tsa lona di thwasang, le tla letsetsa diterompeta tsa lona hodima dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le hodima mahlabelo a lona a nyehelo ya teboho. Tsena e tla ba kgopotso ya lona kapele ho Modimo wa lona. Ke nna Morena Modimo wa lona.”
11. Ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya bobedi, selemong sa bobedi, leru la phahama, la tloha hodima Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.
12. Bana ba Iseraele ba tloha lehwatateng la Sinai, ba tswela pele leetong la bona, ba tsamaya ba hloma, ba hlomola, leru la ba la ya ema lehwatateng la Parane.
13. Ba tswela pele leetong la bona lekgetlo la pele, jwalokaha Morena a ne a ba laetse ka Moshe.
14. Ba nkileng mokgele wa Juda ba tloha pele, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la Juda e ne e le Naheshone, mora wa Aminadabe.
15. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Isakare e ne e le Netanele, mora wa Suare.
16. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Sebulone e ne e le Eliabe, mora wa Helone.
17. Yaba Tente ya Morena e a kgokgothollwa, mme bara ba Gereshone le bara ba Merari, ba neng ba jara Tente ya Morena, ba tswela pele leetong.
18. Jwale ba nkileng mokgele wa diahelo tsa Rubene ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Eleshure, mora wa Shedeure.
19. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bara ba Simeone e ne e le Shelomiele, mora wa Surishadai.
20. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Gade e ne e le Eleasafo, mora wa Deuele.
21. Jwale ba morabe wa Kohate, ba neng ba jara dintho tse halalelang, ba tswela pele leetong, mme Tente ya Morena e ile ya hlongwa pele ba fihla.
22. Ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Efraime ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Eleshama, mora wa Amihude.
23. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Manase e ne e le Gamaleele, mora wa Pedasure.