22. Ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Efraime ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Eleshama, mora wa Amihude.
23. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Manase e ne e le Gamaleele, mora wa Pedasure.
24. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Benjamine e ne e le Abidane, mora wa Gidoni.
25. Jwale ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Dane, ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona, ba le kamoraorao ho ba diahelo tsohle. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Ahiesere, mora wa Amishadai.
26. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Ashere e ne e le Pagiele, mora wa Okerane.
27. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Nafthali e ne e le Ahira, mora wa Enane.
28. Ona e bile mokgwa oo bana ba Iseraele ba neng ba ye ba tswele pele ka wona leetong, ho ya ka mabotho a bona, ha ba tsamaya.
29. Moshe a re ho Hobabe, mora wa Reuele wa Momidiane, e leng mohwe wa Moshe: “Re tswela pele leetong la ho ya sebakeng seo Morena a ileng a re: <Ke tla le nea sona.> Tsamaya le rona mme re tla o etsetsa tse molemo, hobane Morena o tshepisitse Iseraele tse molemo.”
30. Empa Hobabe a re ho Moshe: “Nke ke ka ya le lona; ke tla ikela naheng ya heso le ho baheso.”
31. Moshe a re ho Hobabe: “Se tlohe hara rona, ke a o rapela, hobane o a tseba hore na diahelo tsa rona re tla di hloma jwang lehwatateng, mme e tla ba wena mahlo a rona.
32. Haeba o eya le rona, molemo oo Morena a re etsetsang wona, le rona re tla o etsetsa wona.”
33. Jwale ba tloha thabeng ya Morena, ba tsamaya leeto la matsatsi a mararo. Areka ya selekane sa Morena ya ba etella pele ka matsatsi a mararo, ho ya ba batlela sebaka sa ho phomola.
34. Leru la Morena le ne le ba okametse motsheare, ha ba tloha diahelong.
35. Ha areka e tloha, Moshe o ne a ye a re:“Tsoha, Morena,dira tsa hao di qhalane!Batho ba o hloilengba balehe kapele ho wena!”
36. Ha areka e bewa fatshe, Moshe o ne a ye a re:“Oho, Morena, kgutla,kgutlela ho ba dikete tsa diketeketeba Iseraele!”