Dipalo 10:2-16 BIBELE (SSO89SO)

2. “Etsa diterompeta tse pedi tsa silefera, o di etse ka silefera e thutsweng. O tla di sebedisa ha o bitsa setjhaba, leha ho tswelwa pele leetong.

3. Ha diterompeta tsena di letswa bobedi ba tsona, setjhaba sohle se tla phuthehela ho wena, kapele ho monyako wa Tente ya Morena.

4. Empa ha ho letswa terompeta e le nngwe, mahosana, e leng dihlooho tsa diketekete tsa Iseraele, a tla phuthehela ho wena.

5. “Ha o hlaba mokgosi wa pele ka terompeta, ba diahelong tse ka botjhabela ba tla tswela pele leetong.

6. Ha o hlaba mokgosi wa bobedi ka terompeta, ba diahelong tse ka borwa ba tla tswela pele leetong. Kamehla ha ho hlwajwa mokgosi, ba tla tswela pele maetong a bona.

7. Empa ha setjhaba se lokela ho phutheha mmoho, o tla letsa terompeta, feela o se ke wa hlaba mokgosi.

8. “Bara ba Arone, e leng baprista, ke bona ba tla letsa terompeta. Ho letsa diterompeta e tla ba molao wa mehla yohle ho lona, le ho meloko ya lona.

9. “Naheng ya lona, ha le futuha, le eya ho lwantsha sera se le hateletseng, le tla hlaba mokgosi ka diterompeta. Le tla hopolwa ke Morena Modimo wa lona, mme le tla pholoswa direng tsa lona.

10. Mohla matsatsi a lona a thabo, le mohla mekete ya lona e kgethehileng, le mohla dikgwedi tsa lona di thwasang, le tla letsetsa diterompeta tsa lona hodima dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le hodima mahlabelo a lona a nyehelo ya teboho. Tsena e tla ba kgopotso ya lona kapele ho Modimo wa lona. Ke nna Morena Modimo wa lona.”

11. Ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya bobedi, selemong sa bobedi, leru la phahama, la tloha hodima Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.

12. Bana ba Iseraele ba tloha lehwatateng la Sinai, ba tswela pele leetong la bona, ba tsamaya ba hloma, ba hlomola, leru la ba la ya ema lehwatateng la Parane.

13. Ba tswela pele leetong la bona lekgetlo la pele, jwalokaha Morena a ne a ba laetse ka Moshe.

14. Ba nkileng mokgele wa Juda ba tloha pele, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la Juda e ne e le Naheshone, mora wa Aminadabe.

15. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Isakare e ne e le Netanele, mora wa Suare.

16. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Sebulone e ne e le Eliabe, mora wa Helone.

Dipalo 10