Dipalo 10:19-33 BIBELE (SSO89SO)

19. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bara ba Simeone e ne e le Shelomiele, mora wa Surishadai.

20. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Gade e ne e le Eleasafo, mora wa Deuele.

21. Jwale ba morabe wa Kohate, ba neng ba jara dintho tse halalelang, ba tswela pele leetong, mme Tente ya Morena e ile ya hlongwa pele ba fihla.

22. Ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Efraime ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Eleshama, mora wa Amihude.

23. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Manase e ne e le Gamaleele, mora wa Pedasure.

24. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Benjamine e ne e le Abidane, mora wa Gidoni.

25. Jwale ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Dane, ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona, ba le kamoraorao ho ba diahelo tsohle. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Ahiesere, mora wa Amishadai.

26. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Ashere e ne e le Pagiele, mora wa Okerane.

27. Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Nafthali e ne e le Ahira, mora wa Enane.

28. Ona e bile mokgwa oo bana ba Iseraele ba neng ba ye ba tswele pele ka wona leetong, ho ya ka mabotho a bona, ha ba tsamaya.

29. Moshe a re ho Hobabe, mora wa Reuele wa Momidiane, e leng mohwe wa Moshe: “Re tswela pele leetong la ho ya sebakeng seo Morena a ileng a re: <Ke tla le nea sona.> Tsamaya le rona mme re tla o etsetsa tse molemo, hobane Morena o tshepisitse Iseraele tse molemo.”

30. Empa Hobabe a re ho Moshe: “Nke ke ka ya le lona; ke tla ikela naheng ya heso le ho baheso.”

31. Moshe a re ho Hobabe: “Se tlohe hara rona, ke a o rapela, hobane o a tseba hore na diahelo tsa rona re tla di hloma jwang lehwatateng, mme e tla ba wena mahlo a rona.

32. Haeba o eya le rona, molemo oo Morena a re etsetsang wona, le rona re tla o etsetsa wona.”

33. Jwale ba tloha thabeng ya Morena, ba tsamaya leeto la matsatsi a mararo. Areka ya selekane sa Morena ya ba etella pele ka matsatsi a mararo, ho ya ba batlela sebaka sa ho phomola.

Dipalo 10