40. Ha balwa bana ba Ashere ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.
41. Ba morabe wa Ashere ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le motso o le mong le makgolo a mahlano.
42. Ha balwa bana ba Nafthali ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.
43. Ba morabe wa Nafthali ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e meraro le makgolo a mane.
44. Bana ke bona bohle bao bo-Moshe le Arone ba ileng ba ba bala, ba ena le mahosana a Iseraele, e leng banna ba leshome le metso e mmedi; e mong le e mong wa bona e le hlooho ya lelapa labo.
45. Ena ke palo ya bana bohle ba Iseraele ba ileng ba balwa ho ya ka matlo a bo-ntata bona, bao e neng e ka ba bahlabani ba mabotho a Iseraele, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.
46. Bohle ba ileng ba balwa ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.
47. Empa ha e le Balevi bona ha ba a ka ba balellwa le ba merabe e meng.
48. Morena a bua ho Moshe, a re:
49. “E be ba morabe wa Levi feela bao o sa tlo ba bala, mme palo ya bona o se ke wa e balella le ya bana ba Iseraele.
50. O kgethe Balevi hore e be bona balebedi ba Tente ya Morena, e kentseng areka ya selekane, le balebedi ba dijana tsohle tsa yona, le thepa yohle ya yona. Ba tla jara Tente le dijana tsohle tsa yona, e be basebeletsi ka ho yona, mme diahelo tsa bona di e potapote.
51. Ha ho tsamauwa, Balevi ba tla kgokgotholla Tente; moo ho robaletswang teng, ba tla e hloma, mme e mong osele ya atamelang pela yona o tla bolawa.
52. Moo bana ba Iseraele ba tla hloma teng, monna e mong le e mong a robale pela tente ya hae, monna e mong le e mong pela mokgele wa hae, ho ya ka mabotho a bona.
53. Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.”
54. Bana ba Iseraele ba etsa jwalo; ba etsa tsohle jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.