15. Lapeng la Nafthali e be Ahira mora wa Enane.”
16. Bana ke bona ba ileng ba kgethwa hara setjhaba, e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mahosana a diketekete tsa Baiseraele.
17. Jwale Moshe le Arone ba nka banna bana ba boletsweng ka mabitso:
18. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, ba kgobokanya setjhaba sohle. Monna e mong le e mong, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, a bolela lebitso la hae le leloko la hae, ho ya ka morabe wa hae le lelapa la hae.
19. Moshe a ba bala ba le lehwatateng le Sinai, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
20. Ha balwa bana ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.
21. Ba morabe wa Rubene ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng le makgolo a mahlano.
22. Ha balwa bana ba Simeone, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.
23. Ba morabe wa Simeone ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e robong le makgolo a mararo.
24. Ha balwa bana ba Gade, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.
25. Ba morabe wa Gade ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a tsheletseng le mashome a mahlano.