Diketso 9:27-35 BIBELE (SSO89SO)

27. Baranabase a mo nka, a mo isa ho baapostola, mme a ba hlalosetsa kamoo Saule a ileng a bona Morena kateng tseleng, le hore o ile a bua le yena, le kamoo a ileng a bua kateng phatlalatsa Damaseka ka lebitso la Morena.

28. Jwale a tsamaya a ena le bona Jerusalema yohle, a bua phatlalatsa ka lebitso la Morena.

29. O ne a bua, a phehisana kgang le Bajuda ba buang Segerike, mme ba leka ho mmolaya.

30. Ha badumedi ba tsebile, ba mo theolela Sesaria, ba mo romela Tarasuse.

31. Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.

32. Petrose o ne a tsamaya hohle, mme ka mohlomong a theoha ho ya bona le badumedi ba ahileng Lida.

33. Teng a fumana monna e mong ya bitswang Enea, ya neng a qetile dilemo tse robedi a robetse diphateng, a shwele ditho.

34. Petrose a re ho yena: “Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha o alole diphate tsa hao.” A tsoha hanghang.

35. Baahi bohle ba Lida le Sarone ba mmona, mme ba sokolohela ho Morena.

Diketso 9