20. mme kapelepele a phatlalatsa matlung a thapelo hore Jesu ke Mora wa Modimo.
21. Bohle ba mo utlwang ba makala, ba re: “Na eo hase yena ya ileng a fedisa bohle ba rapelang Jesu, Jerusalema, ya bileng a tlileng moo ka hona hoo, hore a ba tlame, a ba ise ho baprista ba baholo na?”
22. Empa Saule yena a eketsa ho ipha matla le ho ferekanya Bajuda ba ahileng Damaseka, ka ho ba bontsha hore Jesu ke yena Mesia.
23. Ha ho fetile matsatsi a mangata, Bajuda ba rera ho bolaya Saule,
24. empa morero oo wa bona a o tseba. Bosiu le motsheare ba lebela dikgoro tsa motse, hore ba tle ba mmolaye,
25. empa bosiu barutuwa ba hae ba mo nka, ba mo nka, ba mo ntsha le lerakong la motse ka ho mo lepeletsa a le ka sesiung.
26. Yare hoba Saule a fihle Jerusalema, a leka ho ikopanya le barutuwa, empa bohle ba ne ba mo tshaba, ba sa dumele hore ke morutuwa.
27. Baranabase a mo nka, a mo isa ho baapostola, mme a ba hlalosetsa kamoo Saule a ileng a bona Morena kateng tseleng, le hore o ile a bua le yena, le kamoo a ileng a bua kateng phatlalatsa Damaseka ka lebitso la Morena.
28. Jwale a tsamaya a ena le bona Jerusalema yohle, a bua phatlalatsa ka lebitso la Morena.
29. O ne a bua, a phehisana kgang le Bajuda ba buang Segerike, mme ba leka ho mmolaya.
30. Ha badumedi ba tsebile, ba mo theolela Sesaria, ba mo romela Tarasuse.
31. Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.
32. Petrose o ne a tsamaya hohle, mme ka mohlomong a theoha ho ya bona le badumedi ba ahileng Lida.
33. Teng a fumana monna e mong ya bitswang Enea, ya neng a qetile dilemo tse robedi a robetse diphateng, a shwele ditho.
34. Petrose a re ho yena: “Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha o alole diphate tsa hao.” A tsoha hanghang.
35. Baahi bohle ba Lida le Sarone ba mmona, mme ba sokolohela ho Morena.
36. Motseng wa Jopo ho ne ho ena le morutuwa ya bitswang Tabitha, e leng ho re Dorokase. Mosadi enwa o ne a etsa mesebetsi e mengata, e molemo, a etsetsa le mafutsana dithuso tse ngata.
37. Matsatsing wona ao a kula, mme a shwa. Hoba a hlatsuwe, a bewa kamoreng e kahodimo.