Diketso 9:2-10 BIBELE (SSO89SO)

2. A kopa mangolo a yang Damaseka, matlung a thapelo, e le hore ha a ka fumana bao e leng ba Tsela ena ya Bokreste, leha e le banna kapa basadi, a ba tlame, a ba tlise Jerusalema.

3. Ha a ntse a tsamaya, a se a le haufi le Damaseka, hanghang ha phatsima lesedi le tswang lehodimong, la mo teela hare.

4. A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: “Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?”

5. A botsa, a re: “O mang, Morena?”Lentswe la re: “Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang,

6. empa tsoha, o kene motseng, mme teng o tla bolellwa seo o lokelang ho se etsa.”

7. Jwale banna ba tsamayang le yena ba ema tlekelele! kaha ba ne ba fela ba utlwile lentswe, empa ba sa bone motho.

8. Saule a tsoha fatshe, mme ha a tutuboloha, o ne a se a sa bone. Ba mo tataisa ka letsoho, ba mo isa Damaseka.

9. A qeta matsatsi a mararo a sa bone, a sa je, a sa nwe.

10. Ho ne ho ena le morutuwa e mong Damaseka, ya bitswang Ananiase; Morena a mmolella ka pono, a re: “Ananiase!”Yena a re: “Ke nna enwa, Morena!”

Diketso 9