18. Hanghang mahlong a hae ha wa ho kang makgekgebu, mme a boela a bona. A ema, a kolobetswa.
19. Yare hoba a je, a boela a matlafala.Saule a hlola nakwana le barutuwa ba leng Damaseka,
20. mme kapelepele a phatlalatsa matlung a thapelo hore Jesu ke Mora wa Modimo.
21. Bohle ba mo utlwang ba makala, ba re: “Na eo hase yena ya ileng a fedisa bohle ba rapelang Jesu, Jerusalema, ya bileng a tlileng moo ka hona hoo, hore a ba tlame, a ba ise ho baprista ba baholo na?”
22. Empa Saule yena a eketsa ho ipha matla le ho ferekanya Bajuda ba ahileng Damaseka, ka ho ba bontsha hore Jesu ke yena Mesia.