10. Ho ne ho ena le morutuwa e mong Damaseka, ya bitswang Ananiase; Morena a mmolella ka pono, a re: “Ananiase!”Yena a re: “Ke nna enwa, Morena!”
11. Morena a re ho yena: “Ema, o ye seterateng se bitswang Se Otlolohileng, mme ka tlung ya Juda o batle monna ya bitswang Saule wa Tarasuse. Bona, o a rapela,
12. mme ponong o bone monna ya bitswang Ananiase a kena, a mmea matsoho hore a tle a boele a bone.”
13. Ananiase a araba, a re: “Morena, ke utlwile ka ba bangata kamoo monna eo a entseng tse ngata, tse mpe, ho badumedi ba hao ba Jerusalema,
14. mme le mona o filwe matla ke baprista ba baholo, ho tlama bohle ba o rapelang.”
15. Empa Morena a re ho yena: “Eya, hobane monna eo ke mohlanka eo ke mo kgethileng ho tsebisa baditjhaba, le dikgosi, le bana ba Iseraele lebitso la ka.
16. Nna ke tla mmontsha tsohle, tseo eka kgonang a di hlokofaletswe ka baka la lebitso la ka.”
17. Ananiase a ya, a kena ka tlung eo, a mmea matsoho, a re: “Saule ngwaneso, Morena, e leng Jesu ya ileng a iponahatsa ho wena tseleng eo o neng o etla ka yona, o nthomile hore o tle o boele o bone, o be o tlale Moya o Halalelang.”
18. Hanghang mahlong a hae ha wa ho kang makgekgebu, mme a boela a bona. A ema, a kolobetswa.
19. Yare hoba a je, a boela a matlafala.Saule a hlola nakwana le barutuwa ba leng Damaseka,
20. mme kapelepele a phatlalatsa matlung a thapelo hore Jesu ke Mora wa Modimo.
21. Bohle ba mo utlwang ba makala, ba re: “Na eo hase yena ya ileng a fedisa bohle ba rapelang Jesu, Jerusalema, ya bileng a tlileng moo ka hona hoo, hore a ba tlame, a ba ise ho baprista ba baholo na?”