Diketso 8:33-40 BIBELE (SSO89SO)

33. A kokobetswa, a hlokelwa toka.Ke mang ya tla bolela leloko la hae,ha e le moo bophelo ba haebo fedisitswe lefatsheng?”

34. Yaba lehaole le re ho Filipi: “Ke a o botsa hle, moporofeta o bolela see ka mang? Na o bua ka yena, kapa ka e mong osele?”

35. Jwale Filipi a bua, a qala ka temana ena, a mmolella molaetsa o molemo wa Jesu.

36. Ha ba ntse ba tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, mme lehaole la re: “Metsi ke ana! Nka thibelwa keng hore ke kolobetswe?”

37. Filipi a re: “Haeba o dumela ka pelo ya hao yohle, hoo ho ka etswa.”La araba, la re: “Ke a dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.”

38. La laela hore kariki e emiswe. Filipi le lehaole ba theohela metsing hammoho, mme Filipi a le kolobetsa.

39. Hoba ba nyolohe metsing Moya wa Morena wa nka Filipi, mme lehaole ha le a ka la hlola le mmona; la tswela pele leetong la lona le nyakaletse.

40. Empa Filipi a iphumana a se a le Ashedode, a ntse a bolela molaetsa o molemo metseng yohle eo a fetang ho yona, ho fihlela a kena Sesaria.

Diketso 8