Diketso 8:23-37 BIBELE (SSO89SO)

23. etswe ke bona hore o na le takatso e mpe, mme o ditlamong tsa bokgopo.”

24. Simone a araba, a re: “Lona a le ke le nthapelle ho Morena, hore ke se ke ka hlahelwa ke letho la tseo le di boletseng.”

25. Hoba ba pake, mme ba bolele lentswe la Morena, ba kgutlela Jerusalema, ba ntse ba phatlalatsa molaetsa o molemo metseng e mengata ya Basamaria.

26. Lengeloi la Morena la bua ho Filipi, la re: “Tsamaya o ye nqa borwa, tseleng e theohang Jerusalema e yang Gasa, e bodutu.”

27. A ema, a tsamaya. Ho ne ho ena le monna wa Mokushe wa lehaole, e le letona la Kandake, mofumahadi wa Bakushe, le modisa wa matlotlo a hae wohle. O ne a tlile Jerusalema ho tla kgumamela Modimo.

28. Jwale o ne a boela hae, a palame kariki ya hae, a bala bukeng ya moporofeta Esaya.

29. Yaba Moya o Halalelang o re ho Filipi: “Eya, o tsamaye le kariki eno.”

30. Filipi a mathela ho yona, a mo utlwa a bala bukeng ya moporofeta Esaya. A re ho yena: “Na o utlwisisa seo o se balang?”

31. Yena a re: “Nka utlwisisa jwang ho se motho ya ntlhalosetsang?” Yaba o kopa Filipi hore a hlwe, mme a dule le yena.

32. Temana ya Mangolo eo a neng a e bala e ne e le ena:“O ila iswa moo a ilo hlabelwa teng,mme jwaloka konyana e kgutsitseng,e kgutsitseng pela mokuti wa yona,le yena ha ho letho leo a ila le bua.

33. A kokobetswa, a hlokelwa toka.Ke mang ya tla bolela leloko la hae,ha e le moo bophelo ba haebo fedisitswe lefatsheng?”

34. Yaba lehaole le re ho Filipi: “Ke a o botsa hle, moporofeta o bolela see ka mang? Na o bua ka yena, kapa ka e mong osele?”

35. Jwale Filipi a bua, a qala ka temana ena, a mmolella molaetsa o molemo wa Jesu.

36. Ha ba ntse ba tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, mme lehaole la re: “Metsi ke ana! Nka thibelwa keng hore ke kolobetswe?”

37. Filipi a re: “Haeba o dumela ka pelo ya hao yohle, hoo ho ka etswa.”La araba, la re: “Ke a dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.”

Diketso 8