Diketso 8:11-22 BIBELE (SSO89SO)

11. Ba ne ba mo mamela ka hloko kahobane e ne e se e le kgale a ba makatsa ka bonohe ba hae.

12. Empa ha Filipi a se a ba bolelletse molaetsa o molemo wa tsa Mmuso wa Modimo le tsa lebitso la Jesu Kreste, ba dumela, mme ha kolobetswa banna le basadi.

13. Simone le yena a dumela. Hoba a kolobetswe, a kgomarela Filipi, a bona mehlolo le diketso tse kgolo, tse matla, tse etsahalang, mme a hlollwa.

14. Yare ha baapostola ba leng Jerusalema ba utlwa hore Samaria e amohetse lentswe la Modimo, ba roma Petrose le Johanne teng.

15. Bona ha ba fihla, ba rapella Basamaria hore ba amohele Moya o Halalelang,

16. hobane o ne o eso ka o theohela le ho ya mong wa bona, ba mpa ba kolobeditswe feela ka lebitso la Morena Jesu.

17. Yaba Petrose le Johanne ba ba bea matsoho, mme ba amohela Moya o Halalelang.

18. Ha Simone a bona hore Moya o Halalelang o newa ka peo ya matsoho a baapostola, a ba tlisetsa tjhelete,

19. a re: “Le nna mpheng matla ana, hore mang le mang eo ke mmeang matsoho a tle a amohele Moya o Halalelang.”

20. Empa Petrose a re ho yena: “Tsamo shwela kwana le tjhelete ya hao! O lekanya hore mpho ya Modimo e rekwa ka tjhelete!

21. Ha o na kabelo leha e le seabo tabeng ena, hobane pelo ya hao ha e a loka mahlong a Modimo.

22. Ka baka leo, bakela bokgopo bona ba hao, mme o rapele Morena hore mohlomong o tle o tshwarelwe mohopolo wa pelo ya hao;

Diketso 8