Diketso 8:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Saule o ne a dumellana le polao ya Setefane.Ka tsatsi lona leo tlhoriso e kgolo ya hlahela kereke e Jerusalema, mme bohle, haese baapostola feela, ba qhalanela dinaheng tsa Judea le Samaria.

2. Banna ba tshabang Modimo ba epela setopo sa Setefane, mme ba mo llela haholo.

3. Empa Saule yena a ripitla kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hulanya banna le basadi, a ba hlahlela tjhankaneng.

4. Ha e le ba qhalantsweng, ba ya kahohle ba ntse ba bolela molaetsa o molemo wa lentswe la Modimo.

5. Filipi a theohela motseng wa Samaria, a phatlalletsa batho ba teng tsa Kreste.

6. Ka moya o le mong matshwele a ela hloko tse neng di bolelwa ke Filipi; a mo mamela, mme a bona mehlolo eo a e etsang.

7. Ba bangata ba ne ba ena le meya e ditshila; ya tswa ho bona e bokolla haholo. Le ba bangata ba ba shweleng ditho le ba diritsa ba fodiswa.

8. Thabo e kgolo ya eba teng motseng oo.

9. Monna e mong ya bitswang Simone, ya neng a se a ntse a le motseng oo e le senohe, a makatsa batho ba Samaria, a ipolela hore yena ke mangmang.

10. Bohle ba ne ba mo mamela ka hloko, ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, ba re: “Enwa ke Matla a Modimo a bitswang a maholo.”

11. Ba ne ba mo mamela ka hloko kahobane e ne e se e le kgale a ba makatsa ka bonohe ba hae.

12. Empa ha Filipi a se a ba bolelletse molaetsa o molemo wa tsa Mmuso wa Modimo le tsa lebitso la Jesu Kreste, ba dumela, mme ha kolobetswa banna le basadi.

Diketso 8