Diketso 6:12-15 BIBELE (SSO89SO)

12. Ba fuduha setjhaba, le baholo, le Ditsebi tsa Molao, ba kgorohela Setefane, ba mo tshwara ba mo isa kgotla.

13. Ba hlahisa dipaki tsa bohata, tse reng: “Motho enwa ha a phetse ho bua dipolelo tse lwantshang Nqalo ena e halalelang le Molao.

14. Re mo utlwile a re: <Jesu enwa wa Nasaretha o tla senya Nqalo ena, a fetole meetlo eo Moshe a re neileng yona!> ”

15. Bohle ba neng ba dutse ka kgotla, ba mo tjametse, ba bona sefahleho sa hae e ka sa lengeloi.

Diketso 6