1. Matsatsing ao, ha barutuwa ba ntse ba ngatafala, Bajuda ba buang Segerike ba ile ba ipelaetsa ka ba tswaletsweng Judea, ka hore bahlolohadi ba habo bona ba sekisetswa kabong ya dithuso tsa letsatsi le letsatsi.
2. Yaba ba leshome le metso e mmedi ba bitsa barutuwa bohle, ba re ho bona: “Ha se hantle ho tlohela lentswe la Modimo re ya fepa ditafoleng.
3. Ka baka leo, bana beso, kgethang banna ba supileng hara lona, ba botumo bo botle, ba tletseng Moya o Halalelang le bohlale, bao re tla ba nea mosebetsi ona,
4. empa ha e le rona re tla itahlela ka setotswana thapelong le tsebeletsong ya lentswe.”
5. Bohle ba amohela tlhahiso ena, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Porokore, le Nikanore, le Timone, le Paramenase, le Nikola, mosokolohi wa Antiokia.
6. Ba ba hlahisa kapele ho baapostola, mme ha ba se ba rapetse, ba ba bea matsoho.
7. Lentswe la Modimo la anafala, le palo ya barutuwa ya ngatafala haholo Jerusalema, le sehlophahadi sa baprista sa amohela tumelo.
8. Setefane, monna ya nang le dineo tse ngata le matla a maholo, a etsa dimakatso le mehlolo e meholo hara setjhaba.
9. Jwale ha hlaha ba bang ba ntlo ya thapelo e bitswang ya Balokollwa, e leng ba Sirene, le ba Alekesanderia, le ba tswang Silesia le Asia, ba phehisana kgang le Setefane.
10. Empa ba ne ba sitwa ho hlola bohlale le moya oo a neng a bua ka wona.