Diketso 5:35-42 BIBELE (SSO89SO)

35. A nto re ho lekgotla: “Banna ba Iseraele, hlokomelang seo le hopotseng ho se etsa ho banna bana.

36. Pele ho matsatsi ana ho ile ha hlaha Theudase ya neng a re yena ke mangmang. Palo ya banna ba mo latelang e ne e ka ba makgolo a mane. A bolawa, mme bohle ba neng ba dumetse ho yena ba qhalana, ba fetoha lefeela.

37. Kamorao ho mona ha hlaha Judase, Mogalelea, mehleng ya ha ho ne ho balwa batho, mme a kgelosa batho, ba mo latela. Le yena monna eo a timela, mme bohle ba neng ba dumetse ho yena ba qhalana.

38. Jwale ke re ho lona: Kgaohanang le banna bana, le ba lese. Hobane haeba morero ona kapa mosebetsi ona ke wa batho, o tla senyeha,

39. empa haeba ke wa Modimo, ha le ka ke la ba fedisa, esere la fumanwa le le ba lwantshang Modimo.” Yaba ba a mo mamela.

40. Hoba ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laya hore ba se hlole ba bua ka lebitso la Jesu, ba nto ba lokolla.

41. Ha e le baapostola, ba tloha kgotla ba nyakaletse, hobane ba fumanwe ba lokelwa ke ho tlontlollwa ka baka la lebitso la Jesu.

42. Ka tsatsi le leng le le leng ha ba a ka ba phetsa ho ruta le ho kgothatsa ka Jesu Kreste, ka Tempeleng, le ka malapeng ka bonngwe.

Diketso 5