Diketso 5:29-39 BIBELE (SSO89SO)

29. Yaba Petrose le baapostola ba a araba, ba re: “Eka kgona ho mamelwe Modimo ho ena le batho.

30. Modimo wa bo-ntata rona o tsositse Jesu bafung, eo le mmolaileng ka ho mo thakgisa sefapanong.

31. Monna enwa Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la hae le letona hore e be Mmusi le Mopholosi, ya tla nea Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.

32. Rona le Moya o Halalelang, oo Modimo a o neileng ba mo mamelang, re dipaki tsa ditaba tsena.”

33. Ha lekgotla le utlwa, la hlabeha haholo, mme la rera ho ba bolaya.

34. Empa Mofarisi e mong ya bitswang Gamaleele, eo e neng e le moruti wa Molao, ya hlonetjhwang ke setjhaba sohle, a ema hara lekgotla, a laela hore banna bao ba ntshetswe kantle ho se hokae.

35. A nto re ho lekgotla: “Banna ba Iseraele, hlokomelang seo le hopotseng ho se etsa ho banna bana.

36. Pele ho matsatsi ana ho ile ha hlaha Theudase ya neng a re yena ke mangmang. Palo ya banna ba mo latelang e ne e ka ba makgolo a mane. A bolawa, mme bohle ba neng ba dumetse ho yena ba qhalana, ba fetoha lefeela.

37. Kamorao ho mona ha hlaha Judase, Mogalelea, mehleng ya ha ho ne ho balwa batho, mme a kgelosa batho, ba mo latela. Le yena monna eo a timela, mme bohle ba neng ba dumetse ho yena ba qhalana.

38. Jwale ke re ho lona: Kgaohanang le banna bana, le ba lese. Hobane haeba morero ona kapa mosebetsi ona ke wa batho, o tla senyeha,

39. empa haeba ke wa Modimo, ha le ka ke la ba fedisa, esere la fumanwa le le ba lwantshang Modimo.” Yaba ba a mo mamela.

Diketso 5