Diketso 5:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Monna e mong ya bitswang Ananiase, le mosadi wa hae Safira, ba rekisa tshimo.

2. Ka tumellano le mosadi wa hae a itshiela karolo ya tjhelete ya thekiso, mme a isa e nngwe, a e bea maotong a baapostola.

3. Yaba Petrose o re: “Ananiase, ke ka baka lang Satane a keneng pelong ya hao hore o thetse Moya o Halalelang, mme o itshiele karolo ya tjhelete ya thekiso ya tshimo?

4. Ha e eso rekiswe, na e ne e se ya hao na? Ha e se e rekisitswe, na tjhelete e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o ileng wa rera ka pelong ya hao ho etsa ketso ee? Ha o a thetsa batho, empa o thetsitse Modimo.”

5. Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ana, a re fatshe sihla! yaba o a shwa. Bohle ba utlwileng ba tlelwa ke tshabo.

6. Bahlankana ba ema, ba mo phutha, ba mo nkela kantle, ba mo epela.

7. Ha feta dihora tse ka bang tharo, mosadi wa hae a kena, a sa tsebe se etsahetseng.

8. Petrose a re ho yena: “Ako mpolelle, na le fela le rekisitse tshimo hakaalo?”Yena a re: “E, hakaalo.”

Diketso 5