Diketso 4:7-23 BIBELE (SSO89SO)

7. Yare hoba ba emise baapostola kapele ho lekgotla, ba ba botsa, ba re: “Hoo le ho entse ka matla afe, kapa ka lebitso lefe?”

8. Jwale Petrose, a tletse Moya o Halalelang, a ba araba, a re: “Babusi ba setjhaba le baholo,

9. erekaha kajeno re botsisiswa hodima ketso e molemo e etseditsweng monna ya holofetseng, hore na o fodisitswe kang,

10. ho ke ho tsejwe ke lona bohle, le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hore ke ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo a mo tsositseng bafung. Ke ka lebitso lena monna enwa a emeng kapele ho lona, a fodile.

11. Jesu ke yena eo e leng“ <lejwe le lahlilweng ke lona, dihahi,le fetohileng lejwe la mantlha.>

12. “Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.”

13. Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, ba lemoha le hore ha ba a ruteha, ke batho feela, ba makala. Ba ba ba tseba hore ke ba bileng le Jesu.

14. Ha ba bona monna ya fodisitsweng a eme le bona, ba hloka seo ba ka se hanyetsang.

15. Ha ba se ba ba laetse ho tswela kantle ho lekgotla, ba buisana,

16. ba re: “Banna baa re tla ba etsa jwang? Baahi bohle ba Jerusalema ba tseba hore mohlolo o tumileng o entswe ke bona, mme re ke ke ra o latola.

17. Empa hore taba ena e tle se ke ya hasana haholo hara setjhaba, a re ba hlokomediseng ka ditshokelo, hore ba se hlole ba bua le motho le ya mong ka lebitso lena.”

18. Yaba ba a ba bitsa, mme ba ba laela hore ho hang ba se hlole ba bua kapa ba ruta ka lebitso la Jesu.

19. Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo.

20. Rona ha re ka ke ra phetsa ho bua ka tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.”

21. Yare hoba ba eketse ho ba hlokomedisa ka ditshokelo, ba ba lokolla. Ka baka la setjhaba ba hloka seo ba ka ba ahlolelang sona, hobane setjhaba sohle se ne se tlotlisa Modimo ka se etsahetseng.

22. Dilemo tsa monna eo mohlolo ona wa phodiso o neng o entswe ho yena, di ne di feta mashome a mane.

23. Ha Petrose le Johanne ba se ba lokolotswe, ba ya ho ba sehlopha sa bona, ba se tsebisa tsohle tseo baprista ba baholo, le baholo ba setjhaba ba di buileng ho bona.

Diketso 4