Diketso 4:16-34 BIBELE (SSO89SO)

16. ba re: “Banna baa re tla ba etsa jwang? Baahi bohle ba Jerusalema ba tseba hore mohlolo o tumileng o entswe ke bona, mme re ke ke ra o latola.

17. Empa hore taba ena e tle se ke ya hasana haholo hara setjhaba, a re ba hlokomediseng ka ditshokelo, hore ba se hlole ba bua le motho le ya mong ka lebitso lena.”

18. Yaba ba a ba bitsa, mme ba ba laela hore ho hang ba se hlole ba bua kapa ba ruta ka lebitso la Jesu.

19. Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo.

20. Rona ha re ka ke ra phetsa ho bua ka tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.”

21. Yare hoba ba eketse ho ba hlokomedisa ka ditshokelo, ba ba lokolla. Ka baka la setjhaba ba hloka seo ba ka ba ahlolelang sona, hobane setjhaba sohle se ne se tlotlisa Modimo ka se etsahetseng.

22. Dilemo tsa monna eo mohlolo ona wa phodiso o neng o entswe ho yena, di ne di feta mashome a mane.

23. Ha Petrose le Johanne ba se ba lokolotswe, ba ya ho ba sehlopha sa bona, ba se tsebisa tsohle tseo baprista ba baholo, le baholo ba setjhaba ba di buileng ho bona.

24. Yare hoba ba utlwe, ba phahamisetsa mantswe ho Modimo ka maikutlo a le mang, ba re: “Monghadi, wena ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona;

25. o ne o bue ka Moya o Halalelang, ka molomo wa mohlanka wa hao Davida, ntata rona, wa re:“ <Moferefere ke wa enghara ditjhaba?Matjhaba a rerelangntho tsa mafeela?

26. Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto,le babusi ba kopane hammohoho lwantsha Morenale Motlotsuwa wa hae.>

27. “Ruri, motseng ona, Heroda le Pontiuse Pilato, le baditjhaba, le merabe ya Iseraele, ba kopane ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng,

28. ho etsa hore tsohle tseo o di laotseng e sa le pele, ka matla a hao le thato ya hao, di phethahale.

29. Jwale, Morena, ako tadime ditshokelo tsa bona, mme o etse hore bahlanka ba hao ba bolele lentswe la hao ka sebete.

30. Otlolla letsoho la hao ho fodisa, mme mehlolo le dimakatso di etswe ka lebitso la Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang.”

31. Ha ba qetile ho rapela, sebaka seo ba neng ba kopanetse ho sona sa reketla, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.

32. Jwale bongata ba ba dumetseng ba eba pelonngwe le moyamong, mme ha se ke ha eba le ya mong ya reng tseo a nang le tsona ke tsa hae a le inotshi, empa tsohle ba di kopanela.

33. Baapostola ba paka tsa tsoho ya Morena Jesu ka matla a maholo, mme bohle ba thahasellwa haholo.

34. Ha se ke ha eba le ya hlokang, hobane bohle ba neng ba ena le masimo kapa matlo ba ne ba a rekisa, ba tlise tjhelete ya tse rekisitsweng,

Diketso 4