Diketso 4:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha Petrose le Johanne ba sa ntse ba buisana le batho, baprista, le molaodi wa Tempele, le Basaduke, ba fihla ho bona.

2. Ba ne ba tshwenyehile hobane baapostola bao ba ne ba ruta batho le ho phatlalatsa hore tsoho ya bafu e teng ka Jesu.

3. Ba ba tshwara, mme kaha e ne e se e le mantsiboya, ba ba hlahlela tjhankaneng ho fihlela ka la hosasane.

4. Empa ba bangata ba utlwileng lentswe la Modimo ba dumela, mme palo ya batho bao e ne e ka ba dikete tse hlano.

5. Ka la hosasane babusi, le baholo ba Bajuda, le Ditsebi tsa bona tsa Molao, ba phuthehela Jerusalema,

6. ba ena le Moprista e Moholo, Hannase, le Kaiafa, le Johanne, le Alekesandere, le bohle ba leloko la boprista bo boholo.

7. Yare hoba ba emise baapostola kapele ho lekgotla, ba ba botsa, ba re: “Hoo le ho entse ka matla afe, kapa ka lebitso lefe?”

8. Jwale Petrose, a tletse Moya o Halalelang, a ba araba, a re: “Babusi ba setjhaba le baholo,

9. erekaha kajeno re botsisiswa hodima ketso e molemo e etseditsweng monna ya holofetseng, hore na o fodisitswe kang,

10. ho ke ho tsejwe ke lona bohle, le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hore ke ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo a mo tsositseng bafung. Ke ka lebitso lena monna enwa a emeng kapele ho lona, a fodile.

11. Jesu ke yena eo e leng“ <lejwe le lahlilweng ke lona, dihahi,le fetohileng lejwe la mantlha.>

Diketso 4