Diketso 3:6-10 BIBELE (SSO89SO)

6. Jwale Petrose a re: “Ha ke na silefera kapa kgauta, empa seo ke nang le sona ke o fa sona. Ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha ema, o tsamaye!”

7. A mo tshwara ka letsoho le letona, a mo emisa; maoto a hae le maqaqailana a tiya hanghang.

8. A raoha, a ema, a tsamaya, mme a kena le bona ka Tempeleng a ntse a tsamaya, a tlolaka, a rorisa Modimo.

9. Batho bohle ba mmona a tsamaya, a ntsa rorisa Modimo.

10. Ba tseba hore ke yena ya neng a dula kgorong ya Tempele, e bitswang Kgoro e Ntle, a kopa dithuso; ba makala haholo, mme ba hlollwa ke se etsahetseng ho yena.

Diketso 3