Diketso 3:19-26 BIBELE (SSO89SO)

19. Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,

20. hore ho tle ho tle dinako tsa kgatholoho, tse tswang ho Morena, mme a tle a rome Jesu, eo a le kgethetseng yena e sa le pele ho ba Mesia.

21. Ke yena eo lehodimo le tshwanetseng ho mo amohela ho fihlela mehla ya ha ho busetswa dintho tsohle madulong, mehla eo Modimo a buileng ka yona ka melomo ya baporofeta ba hae ba halalelang, ho tloha mehleng ya boholoholo.

22. Moshe a na a re: <Hara bana babo lona, Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa Moporofeta ya kang nna. Le tle le mo mamele dinthong tsohle tseo a tla di bua ho lona.

23. Mang le mang ya sa tlo mamela Moporofeta eo, o tla timetswa ho hang setjhabeng.>

24. “Le baporofeta bohle, ho qala ka Samuele le ba mo hlahlamileng, bohle ba buileng, le bona ba boletse matsatsi ana.

25. Lona le bana ba baporofeta le majalefa a selekane seo Modimo a neng a se etse le bo-ntata rona, ha a re ho Aborahama: <Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao.>

26. Modimo o hlahisitse mohlanka wa hae, a mo roma ho lona pele, ho hlohonolofatsa e mong le e mong wa lona, ha a sokoloha bobeng ba hae.”

Diketso 3