Diketso 3:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Petrose le Johanne ba nyolohela Tempeleng ho ya thapelong ya hora ya boraro, motsheare wa mantsiboya.

2. Monna e mong ya tswetsweng e le seritsa, o ne a ye a nkwe ka matsatsi wohle, a bewe kgorong ya Tempele e bitswang Kgoro e Ntle, hore a kope dithuso ho ba kenang ka Tempeleng.

3. Ha a bona Petrose le Johanne, ba le lekgatheng la ho kena ka Tempeleng, a kopa dithuso.

4. Empa Petrose, a ena le Johanne, a mo tadimisisa, a re: “Re shebe!”

5. Yaba o a ba sheba, a lebeletse ho fumana ho hong ho bona.

6. Jwale Petrose a re: “Ha ke na silefera kapa kgauta, empa seo ke nang le sona ke o fa sona. Ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha ema, o tsamaye!”

7. A mo tshwara ka letsoho le letona, a mo emisa; maoto a hae le maqaqailana a tiya hanghang.

8. A raoha, a ema, a tsamaya, mme a kena le bona ka Tempeleng a ntse a tsamaya, a tlolaka, a rorisa Modimo.

9. Batho bohle ba mmona a tsamaya, a ntsa rorisa Modimo.

10. Ba tseba hore ke yena ya neng a dula kgorong ya Tempele, e bitswang Kgoro e Ntle, a kopa dithuso; ba makala haholo, mme ba hlollwa ke se etsahetseng ho yena.

11. Ha monna eo a ntse a itshwareletse ka Petrose le Johanne, batho bohle ba mathela ho bona mathuleng a bitswang a Solomone, ba maketse haholo.

Diketso 3